Tseo o ka ratang ho di tseba ka setso sa Bapedi Afrika Borwa

Bapedi pele e ne e le Basotho ba profensi ya Mpumalanga le Northern Cape.

Kajeno morabe ona o tumme le ho tsejwa ka hore ke Basotho ba Leboya.

Bapedi ba ntse ba wela sehlopheng sa Basotho empa bona ba arolwa ke sebaka seo ba leng ho sona.

Ba latela setso haholo jwalo ka merabe e meng mme le bona ba kgollwa hore banna ke bona ba baholo.

Ha ho jewa ho qalwa ka banna le bahlankana e be basadi ba tla latela.

Monna wa Mopedi ke yena ya hlokomelang lelapa jwaloka merabeng e meng.

Bapedi ba na le dintho tseo ba di etsang ka matsoho tse kang ho bopa, ho dila matlo le ho etsa meropa.

Ha ngata tsena ke mesebetsi ya basadi ka ha ke bona ba dulang hae nako e ngata.

Le bona setsong sa bona ba bolotsa banana le bashemane e le sesupo sa ho ba hodisa.

BALA Hape: Disebediswa tsa mmino meketeng ya Afrika Borwa.

Bapedi ba na le dijo tsa bona tse kenyelletsang ‘thophi’ le ‘morogo wa dikgopana.’

Source: www.southafrica.co.za

Translator: Masole Mabaleka