Ka hare ho setso sa Afrika Borwa: Batswana

Batswana ke karolo ya Sesotho mme Sesotho seo se arotswe dikarolo tse tharo e leng :Basotho  Sesotho sa Borwa, Sepedi- Sesotho sa Leboya le Setswana e leng Sesotho sa Bophirima.

Batswana ba kgalekgale ba ne ba phela dithabeng hammoho le Basotho.

Ka dilemo tsa bo 1800, marena a mangata a Basotho dithabeng tsa Bophirima a ile a qala ho ipitsa ka hore ke ba Botswana bona.

Sena ke sona se hlalosang lebaka la dipuwana tse fapaneng ka hara setjhaba sa Batswana se phelang kajeno.

Setsong sa Batswana, monna o ne a kgethelwa mosadi wa hae wa pele mme haeba a ntse a batla ho nyala a ena le matla o tla ikgethela mosadi ya latelang.

Batswana ba ne ba kgetha hore monna a nyale mosadi wa hae lapeng leo a le tlwaetseng a amanang le lona.

Sena se ne se etsetswa hore matlotlo a mosadi kapa ngwetsi a se ke a lahleha empa a felle molokong.

BALA Hape: Setso sa Afrika Borwa: Ba San

Source: www.southafrica.co.za

Translator: Masole Mabaleka