
Disebediswa tsa mmino meketeng ya Afrika Borwa
Dibakeng tse ngata tsa mahaeng Afrika Borwa ho atisa ho etswa mesebetsi e kang manyalo moo disebediswa tseba di sebetsang teng.
Meropa, diphala, ditrompeta le tse ding ke tsona tse sebediswang haholo mme di etsa modumo o monate o tsamaisanang le dipina.
Ha se manyalong fela moo ho sebediswang diletswa tsena empa le dikerekeng meropa le diphala di ya letswa. Ho sebediswa dithupa tse betlilweng hantle ho letsa meropa eo.
Meropa ena e emtswe ka letlalo la kgomo le apeswang moqomong wa tshepe o bulihileng mahlakore ka bobedi mme o omiswe e be moropa o loketse ho letswa.
Tse ding disebediswa di entswe ka manaka a diphoofolo mme a ntsha modumo o monate.
Le nakong ya jwale ho tlwaelehile hore batho ba letse ditrompeta meketeng ha ho binwa.
BALA Hape: Ka hare ho setso sa Afrika Borwa: Batswana.
Source: www.southafrica.co.za
Translator: Masole Mabaleka
