
Ho aha setso sa ho ja ka bophelo bo botle ka lapeng
Ka lapeng la ha Moloi, nako ya dijo ene e se ya ho ja feela, e ne ele nako ya ho kopana, mantsibueng a mang ke ha lelapa le ne le bokana ho potapota tafole, le arolelana dijo feela empa le dipale tsa letsatsi la bona.
Mme Moloi o ne a dumela dijong tse pheilweng botjha tsa lapeng.
O ile a ruta bana ba hae bohlokwa ba phepo e nepahetseng, ho tlatsa dijana tsa bona ka meroho ha mmoho le nama e senang mafura.
Dijo tse senang phepo di ne disa nepahala.
Dijo tsa hoseng di ne di sa tlolwe ka lebaka la hore ene ele dijo tsa bohlokwa haholo Mme tse fanang ka matla ho batho bohle bakeng sa boitukisetso ba letsatsi e tlang.
Bana ba ne ba thabela Oats ha mmoho le ditholwana ha Ntate Moloi yena ane a kgetha mahe le toast ya koro.
Ho pheha ha mmoho ho ile ha fetoha moetlo wa lelapa.
Ngwana e mong le e mong o ne a ena le nako ya ho hlatswa meroho, ho lokisa tafole le ho pheha.
Sena se ile sa etsa hore ba ananele boiteko bo bong le bo bong ba dijo mme le ho kgothalletsa kgetho e nepahetseng ya dijo.
Dijo tse potlakileng e ne e le dijo tse monate ka dinako tse ding eseng tlwaelo.
Ho fapana le moo, dijo tsa Sontaha di ne di kgethehile mme ele tse nang le matla jwalo ka kgoho e hadikilweng , meroho le sopho ya dinawa tsa setso.
Ho ja ka kelello ho boetse ho le bohlokwa, Ha ho na thelevishini kapa mehala, ke meqoqo le ditsheho fella.
Bana ba ithutile ho ja butle, ho thabela dijo tsa bona ebe ba mamela.
Ka mekgwa ena, lelapa la Moloi le ile la aha moetlo o matla wa hoja ho ja.
