Mekete ya Ma-Venda

Domba ke qala ya pele ho lenyalo. Ya ho qetele bophelong ba ngwanana kapa ba moshanayana wa Ma-Venda. 

Morena o tla bitsa Domba mme malapa a etsa ditokisetso tsa hore banana ba bona ba itokitsetse le ho lokisetsa se hlokahalang hoy a moketeng ona. 

Ho latela nalane ya Ma-Venda, banana ba ne ba dula ha morena dikgwedi tse kabang tharo tse qalang. 

Empa mehleng ena haosale jwalo ka lebaka la sekolo le tse ding tse ngata, Banana ba se ba qeta mafeelo a beke feela lesakeng la Mmusi. 

Mokete ona wa ho fetela pele one o kenetswe ke banana le bashanyana ka mora hore motho e mong le e momg a be teng mananeong a mang a arohanenga amang bong ba motho. 

Vusha le Tshikanda bakeng sa banana mme murundu bakeng sa bashanyana. 

Lebollo le etswang nakong ya moetlo ona le tsebisitswe ke Sesotho sa leboa. 

Ho setso sa Ma-Venda hoile ha qetellwa ho nkuwa qeto yah ore ho kapanya banana le bashanyana ke boitswaro bo bobe. 

Hona jwale e se ele banana fela ba kenang Bomba e nang le mesebetsi e mmedi e moholo e rutang banana ho ikutikisetsa hp ba mosadi le hoba rut aka dikotsi tsa Aids. 

Dipina le di tanse Ditlwaelo tse fapa-fapaneng di ikgetha ho Ma-Venda mme dintlha tse ding di bolokwa e le lekunutu mme ha di buisanwe le batho ba bophirimela. 

Le ha hole jwalo, mo a tsebahala hore motjeko wa python o etswang moketeng wa hotla ha basadi hangata ke moo morena a kgethang mosadi. 

Banana le bashanayana ba tantsa ka metsi jwalo ka noha, ho otla ha moropa, ha ntse ba etsa ketane ka ho tswara letsoho la motho ya ka pele. 

Hang ha mosadi a se a kgethikwe sete ya meetlo ya mefereho le boitlhopho e etsahala ka matsatsi a magata.