Setso sa Sesotho: Ke borokgo ba ditso tse ding tsa Aforika Borwa

Aforika Borwa e sale ele naha e amohelang ditso tse ding ho tloha botebong ba yona. 

Meetlo, puo le mokgwa wa yona wa boitshwaro di amana haholo le tsa Mazulu, Maxhosa, Batswana le merabe e meng e mengata.

Ha ele dikopanong tsa setso, kobo tsa Basotho di hlahella ka mahetla empa moretheto ya moropa o kopanya matjhaba kaofela.

Ho sa natse hore ke mokete wa Basotho kapa mokete wa Mazulu(moo ho fanwang ka di mpho).

Moya wa Ubuntu ele ona o renang ebile o khanyang  haholo. 

Batho ba bang ba ditso ka ho fapana ba arolelena dijo, ba tanse, ba fapanyetsane dipale ho matlafatsa kamano ya bona.

Puo le yona e nale seabo se seholo kamanong ena.

Sesotho sena se nale dintho tse tshwanang le Setswana le Sepedi, mme seo se etsa dintho dibe bobebe kamanong ya  ditso tsena.

Ditoropong le mahaeng, ho tlwaelehile ho utlwa motho a le mong a bua maleme a fapaneng ele hona ho bontsha tlhompho le ho utlwisisa puo ya e mong. 

Ha ele lenyalong teng ho kopanya ditso ke ntho e tlwaelehileng. 

Ho ka etseha hore monna wa Mosotho a nyale mosadi wa MoXhosa, kapa monyaduwa wa MoZulu mme a amohele meetlo ya Basotho. 

Malapa a kopanya ditso ele hona ho hlompha mahlakore ka bobedi, Esita le dijo di kgona ho kopanya meetlo. 

Motoho o natefelwa haholo mahaeng a Basotho, jwalo ka ha umnqgusho( dinawa le setampo sa Maxhosa) o a fihla ditafoleng tsa Basotho. 

Dijo tsena di pheta pale ya nalane e arolelwanang kananelo ya bobedi. Jwale, ka pina, ho tansa, puo le dikamono tsa letsatsi le letsatsi, setso sa Basotho se sebetsa ele borokgo. 

Se keteka diphapano ha e ntse e matlafatsa kopano e etsang hore Aforika Borwa e be matla