
Bohlokwa ba dikgomo ka setso sa Basotho
Ho Basotho, dikgomo di ena le boleng ho feta ho ba phooholo feela.
Di bontsha leruo, boemo ha mmoho le moetlo, ho rua diphoofolo ho bontsha katleho, mme malapa a nang le mehlape e mengata a hlomphuwa haholo setjhabeng.
Mehlape jwalo ka dikgomo le di nku di bapala karolo e kgolo haholo meketeng ya setso.
Ha monna a nyala, o lokela ho patala se itseng mme ba patala ba sebedisa di kgomo ho bontsha teboho le hlompho ho ba habo makoti.
Ka mafu le mekete ya meetlo, kgomo e ya hlabua ho felehetsa mofu le ho kopa mahlohonolo ho badimo.
Dikgomo di dula e le se supo sa ho itseba
Ka ntle ho tsa setso, mehlape e fana ka dijo.
Malapa a itshetleha haholo ho mehlape jwalo ka dikgomo hobane ho kgomo re fumana lebese le nama.
Bolekwe ba di kgomo bo sebediswa e le dibeso le manyolo, mme bo nontsha mobu bakeng s dijalo.
Malapa a mamg a rekisa dikgomo ele hore a lefelle tjhelete ya sekolo, ditshenyehelo tsa bongaka kapa maemo a tshohanyetso.
Nakong ya dikgohlano, dikgomo di sebetsa ele sehlabelo sa kgotso.
Dikgohlano pakeng tsa malapa kapa metse ka dinako tse ding di rarollwa ka ho nehelana ka dikgomo ele ho nnetefatsa kutlwano ka hara setjhaba.
Ho ya Jwalo ka meloko, di kgomo ke tsona tse kopanyang Basotho le setso sa bona, badimo ba bona le tsela ya ho phela.
Le kajelo lena, di kgomo di dula e le se supo sa ho itseba, kopano le ho phela ho basotho.Â
