
Pikiti: Mokete wa Bomme ba Basotho
Pitiki ke mokete wa bomme ba Basotho, mm eke moo bo mme ba Basotho ba kopanang teng hotla ithabisa mme mokete ona o tshwarwa ha ngata ha hon a le mme a nang le ngwana a monyenyana wa lesea.
Ha ngwana a se a na le selemo kapa dikgwedi tse itseng bo mme batla kopana.
Mme bat la etsa seroloronti teng moo batla bina mme ngwana yena o tlabe a beuwe mahareng mme mme ho ntse ho pota potuwa ngwana.
Mokete wa pitiki ke mokete o bontshang kananelo ya basadi hore bo mme ke boukarabelo bo arolelwanang ba setjhaba.
Sena se bonahala ka ho fetisitswa ha lesea ho mme e mong ho ya ho e mong ha tshebetso ya mokete e ntse e tswela pele.
Ntho ena e etswang ke basadi ba Basotho e bontsha mekgwa ya Ma-Afrika e sa tsebiseng fela dikamano tsa setjhaba setjhabeng sa Ma-Afrika.
Ho tshehetsana le ho ithuta ka bo Mme, tlhokomelo ya bana, boiketlo ba hoba le bana ho kgothalletswa ka hara mokete wa pitiki.
Moketeng wa pitiki basadi ba ithuta di ntho tse ngata tse tshwanang le bo ditobolonya.
Pikiti ke mofuta wa boithabiso bakeng sa bo mme setjhabeng, Mme ke tsela ya ho etsa dintho tse iteng ho sebediswa setso, le tsela tsa sekgalekgale.
Pikiti e kopanya hape batho hore batle ba fane ka tsebo e itseng ho thaka tsa bona empa ka tsela e monate e tshehisang.
