Thetana ya Basotho

Thethana ke seaparo sa Basotho mme se aparwang ke bomme ha mmoho le banana ba basotho.

Thathana hangata e aparwa ka mekete kapa ona mabollo ke basadi.

E sebediswa ha ho etswa mokgibo le tsona ditobolonya.

Thethana e na le lebanta la letheka leo ho kenngwang dikgwele tsa fiber tse lohilweng ka bonngwe.

Ha  Ngwanana wa mosotho a fihla dilemong tse nnè kapa tse hlano o ne a tlwaetse ho apara thethana, kaha hangata e ne e le yona feela seaparo se neng se aparwa ke banana ba banyenyane ho tloha bongwaeng ho fihlela qalong ya borwetsana ho fihlela mathwasong a lekgolo la bo20 la dilemo.

Ha Ngwanana a ntse a hōla ka dilemo le tswelo-pele ya setjhaba, o ne a tla fuwa ditethana tse ntjha (bongata ba thethana).

bolelele ba tsona bo neng bo eketseha ho ya ka boemo bo dumellanang le boemo ba ya  apereng.

Ha e se e le motho e moholo, dithana di ne di tsamaya le diphahlo tse dinh tse neng di bontsha diphetoho boemong ba motho setjhabeng, mme qetellong ya e-ba se lekanang le seaparo sa ka tlaase.

BALA HAPE: Ntwa ya Melamu ya Nguni

Le hoja ditethana e se e le kgale di nkelwa sebaka ke feshene e entsweng ka mokgoa a Bophirimela e le diaparo tsa letsatsi le letsatsi, basadi ba bangata ba Basotho ba ntse ba di apara nakong ya diketsahalo tsa bohlokwa tsa setso le mekete e le sesupo sa boitsebahatso ba motho ba setso.

Translator: Karabelo Molapo

Source: Smart History. Org