Setso sa Afrika Borwa: SeXhosa

 Lebitso Xhosa ke lereo le akaretsang, le sebediswang bakeng sa dihlopha tse kgabane tsa leloko la Nguni, Mapondo, Bomvana, Thembu le morabe wa Maxhosa ka bo wona.

 Batho ba buang Sexhosa kapa Nguni wa Kapa ba dula Kapa Botjhabela, ho tloha moeding wa KwaZulu-Natal ho ya Kapa Botjhabela Zuurveld.

Ho tloha kgale e ne e le ditsomi, badisa le dihwai tse iphedisang, ba neng ba hlophisitswe ka dihlopha tsa marena a ikemetseng a dipolotiki, e mong le e mong a ela hloko morena ya ka sehloohong.

 Sexhosa, jwalo ka Nguni, puo eseng ya morabe, e ne e le puo e buuwang diphuleng tsa Fish, Keiskamma le Buffalo.

Sehlopha sa pele sa bajaki ba Nguni ba fihlileng Afrika Borwa se ne se bopilwe ke morabe wa Maxhosa – o bopilweng ka meloko ya Gcaleka, Ngqika, Ndlambe le Dushane, Thembu le Pondo.

 Hamorao sehlopha sa bobedi sa dibui tsa Nguni se ile sa fihla Zululand, empa sa lelekwa ke Morena Shaka.

Ba ne ba tsejwa e le Mfengu mme ba ikahela hara setjhaba sa Maxhosa. Bafalli bana ba pele ba ile ba theha mokokotlo wa setjhaba sa Maxhosa, sehlopha sa bobedi se seholo sa batho Afrika Borwa.

 Ke setjhaba se ikgohomosang ka ho utlwahalang, kaha ha ho mohla ba kileng ba etswa makgoba kapa ba hlolwa ke moloko ofe kapa ofe o mong.

BALA Hape: Setso sa Afrika Borwa: SeZulu

Badimo Moetlong wa Sexhosa

  • Translator: Masole Mabaleka