
Lebolllo la MaNdebele
Setso sa Ndebele, moetlo wa ho qala, o thontsetsang phetoho ho tloha bo ngwananeng ho ea ho motho e moholo.
O phetha karolo ya bohlokwa. Dikolo tsa dikoekoe tsa bashanyana le banana di Tshwarwa dilemo tse ding le tse ding.
Ka nako ya Kgaloso, beng ka bona le metswalle ba tswa hole le ho tla kenela mekete le mesebetsi e amanang le kgodiso.
Bashemane ba qaliswa e le sehlopha ha ba le dilemo tse ka bang 18 ha ho thehwa sehlopha se khethehileng ( indanga ).
Mme se etelletswe pele ke moshanyana wa boemo bo phahameng setjhabeng.
Sehlopha se seng le se seng se na le lebitso le kgethollang.
Hara moloko wa Ndzundza ho na le potoloho ys mabitso a jwalo a 15, a abetsweng ka ho latellana.
Mme hara Manala ho na le potoloho ya mabitso a jwalo a 13.
Nakong ya dikodua, banana ba rwala dihupu tse mebala-bala tse entsoeng ka difaha (tse bitsoang izigolwan) maotong, matsoho, thekeng le molaleng.
Banana ba behellwa ka thōko Mme ba lokiselitswe le ho kwetlisetswa ho ba bo-‘mampodi le bo mme.
Mokete o tla tshwarwa ho phetwa ha sekolo sa khalo, Mme banana ba rwala difaha tse thata tsa khutlonnetsepa (tse bitsoang amaphephetu), tse entsoeng ka difaha tsa geometrical mme hangata tsa mahlakore a mararo, ho keteka ketsahalo ena.
Bala hape: Bongiwe Msomi o fumane monyetla o motle
Ma-Ndebele a kgaba ka meaparo ya bona hohle, mme mmala ya teng ke e Metle haholo.
- Translator: Karabelo Molapo
- Source: timeslive premium
