
Setso sa Afrika Borwa – Ba San
MaSan ke baahi ba kgale ka ho fetisisa Afrika Borwa, moo ba phetseng bonyane dilemo tse 20 000.
San e fumane tlhokomelo ya ditsebi tsa thuto ya batho le metjha ya ditaba ka baka la tsebo ya bona ya ho phela le ho tsoma, letlotlo la tsebo ya matswallwa a dimela le diphoofolo tsa Afrika Borwa, le meetlo ya bona e ruileng ya setso.
Tumelo e neng e atile ka dilemo tse ngata ke ya hore MaSan Lehwatateng la Kalahari Botswana le Namibia e ne e le ditloholo tsa baphaphathehi ba neng ba lelekwa dibakeng tse nang le metsi a betere tsa Afrika e ka Borwa.
Ha e le hantle, bopaki ba baepolli ba dintho tsa kgale bo senola hore Kalahari e ne e hapilwe ke ba tsomang ka dilemo tse dikete.
Batho bana ba nnile ba ithuta haholo ke ditsebi tsa thuto ya batho le baepolli ba dintho tsa kgale, ba batla ho tshwana pakeng tsa ditsomi tsa mehleng ya kajeno le baholoholo ba bona.
Ma San, leha ho le jwalo, ha se ‘mesaletsa ya dintho tse phelang’: jwalo ka batho ba bang, ba fetoha ho latela maemo.
Batsomi ba Kalahari kajeno ba boloka dikarolo tse ngata tsa mekgwa ya kgale ya bophelo empa ha ba arohane le lefatshe la kajeno le moruo wa ditjhelete.
BALA Hape: Ho sebetsa dijo Afrika Borwa
- Source: www.southafrica.co.za
- Translator: Masole Mabaleka
