Mokete wa Incwala

Mokete ona ke mokete wa Eswatini o moholo ka ho fetisisa, mme ke mokete wa bohlokwa sa setso.

Tlwaelo ya Incwala e laolwa ke ‘baprista’ ba Ndwandwe ba setso ba tsejwang e le Bemanti (batho ba metsi).

Kapa ba bang ke Belwandle (batho ba leoatle) hobane ba kga metsi a noka le lewatle ho matlafatsa Morena le borena bakeng sa selemo se tlang.

Mokgahlelong wa pele, Bemanti ba ile ba tloha ka dikepe tse halalelang (sigubhu) ho ya lewatleng, ka boroa ho Maputo naheng ya boahelani ya Mozambique, le sehlopha se seng ho ya dinokeng tsa Lusutfu, Komanzi le Mbuluzi ho tloha ke ketsahalo ya mokete.

Ha Bemanti ba kopana le DiSwati leha e le leetong, ba ‘tlatlapa’ (kuhlamahlama) naha ya mahaeng mme ba nka biri leha e le efe ya setso eo ba e fumanang mekgorong le malapeng.

Ba lefisa dikotlo tse bobebe haholo: Pina, sefaha sa jwang, tjhelete lete e nyenyane ya tshepe, kapa ntho e nngwe e nyenyane e nnileng ya kopana le motho eo e ka fanwang ka yona.

BALA HAPE: Bohlokwa ba lesaka ho MaZulu

Letsatsi la ho qetela la Incwala le qetella ka mokete le menyaka. Ntho ya ho qetels e ntseng e lokela ho etswa ke ya ho hlakolwa hs masimo a borema.

Translator: Karabelo Molapo

Source: http://Ulwazi Programme.org.za