Mokete wa Imbeleko

Mbeleko ke mokete o etswang ka mora  hore lesea le hlahe.

Ena ke ketso ya ho tlosa ho hokela ha mokgubu ho mma le ho tsebisa ngwana ho badimo, imbeleko e bolela ketso ys ho beleha kapa ho jara mokokotlong wa Hao.

Phooko e hlajwa e le pontšho ya ho etsetsa badimo sehlabelo.

Ka tlwaelo baholo ba lelapa ba bua mme ba kopa badimo ho amohela, ho tataisa le ho sireletsa ngwana.

Ena ke tlwaelo e tlwaelehileng ditsong tse kang Zulu, Xhosa, Kikuyu, Shona, Ashanti le tse ding tse ngata.

Bakeng sa imbeleko pōdi e tlameha ho hlajwa e le sehlabelo ho badimo (pōdi e dula e hlajwa bakeng sa mokete o akarelletsang ho bua le balimo)

 

E moholo wa lelapa ya ikarabellang ho bua le badimo o tla bitsa lesea ka lebitso la lona ha a le hlahisa ho badimo ka nako ena eo ho hlajwa pōdi.

Mazulu hangata a na le mabitso a fetang bonngwe, e ka ba mabitso a molao a fanwang ke ditho tsa lelapa le leholo.

Hangata mabitso a bolela ditebello le kgothatso ya lelapa bakeng sa lesea; tse ding di bonahatsa iphihlelo tsa lelapa kapa kamoo di amanang le batho ba bang sebakeng sa habo tsona.

Ka dinako tse ding di bua ka nako/kamoo boemo ba lehodimo bo neng bo le jwang ha motho a hlaha, jwalo-jwalo.

Hape ho tlwaelehile mabitso a bontšhang ditumelo tsa bodumedi le ditumelo tsa dipolotiki. Ha ho etsww moetlo baholo ba tla bua le badimo ba ba kope ho tataisa le ho sireletsa ngwana.