
Bo-Taki ba Ma-Ndebele
Ndebele ke sesto se teng ka hara ditso tse fumamehang naheng ya Afrika Borwa, mme hangata batho ba ma-ndebele ba fumaneng Gauteng, Mpumalanga ha mmoho le Limpopo le Norh-West.
Botaki ba Ma-Ndebele qalong bo ne bo sebediswa ele puo e bonwang, mme botaki bona bo boletse dipale tse ngata mme ebile no ntse bo fitisa ditekanyetso tsa stso sa Ma-Ndebele. Botaki ba Ma-Ndebele bo kgothaleditse meloko e metjha ya baetsi ba ditshwantsho ba Afrika Borwa.
Ka nako e nngwe, bataki ba Ma-Ndebele le bona ba arolelana ditlwaelo tsa bona tse ratehang le ditsi tsa Matjhaba. Leha ho le jwalo, ho bohlokwa ho hlokomela hor setjhaba sa bonono sa Ma-Ndebele hangata se boloka boikutlo ba hoba boinotsing, kgetho e thehilweng tshutshumetsong ya hisitori ya bokolone. Botaki ba Ma-Ndebele bo ioetsa pele ka mokgabiso wa teng, o nang le di tsela tse ntsho tse bontshang kopano ya bona.
Translator:Karabelo Molapo
