
Mefuta ya Dikobo tsa Basotho
Merabe e fapaneng e tsejwa ka tsela eo e aparang ka yona.
Moaparo ke karolo e kgolo e hlalosang metso le setso sa motho, mme hangata, merabeng ka ho fapana, bomme, barwetsana, bontate le bahlankana bana le diaparo tse fapaneng tse bontshang boemo ba bona bophelong.
Ntle le tshenyo ya nako, ke lakatsa hore kgweding ena ya botjhaba re bue ka dikobo tsa Basotho le tsela eo di aparwang ka yona.
Mehleng ya kgale Basotho ba ne apara makoko, ya ba mokgwa oo o a fetoha mohlang Morena Moshoeshoe I a neng a fuwa mpho ya kobo ke Monghadi Howel ka selemo sa 1860.
Morena o ile a thabela kobo ena hoo a ileng a lebala ka lekoko leo a neng a le tena ka nako eo, yaba o se a apara kobo bakeng sa lona.
Ho tloha moo, ya ba Basotho ba se ba apara dikobo e le karolo ya setso sa bona.Hangata dikobo tsa Basotho tse fapaneng, tse kang Seana Marena, Sefate, le Poone, di na le letshwao la poone le emelang kemolo le leruo.
Dikobo tse ding tsa Sesotho ke Moholobela, Lehlosi, Victorian/Malakabane, Motlatsi, Letlama, Lingoetsi, Kharetsa, Sefate, Morena..
Kobo e tsejwang haholo ke Seana Marena, mme ho qapilwe le pina e tummeng e reng “Ntate nthekele Seana Marena” ka kobo ena.
Dikobo tsa Sesotho di sebediswa mabekeng a fapaneng, mohlala, e le dimpho tsa lenyalo, ha bashanyana ba tswa mophatong, kapa di aperwe e le karolo ya ho keteka botjhaba hara tse ding tsa ditshebediso tsa tsona.
Di entswe ka ulu hore di tle di kgone ho sireletsa motho kgahlanong le moya, serame kapa yona pula, mme mela e mesweu e tlameha ho sheba fatshe ha di aperwe.
Dikobo tsena ditswetse Basotho molemo ho latela ka moo serame sa Lesotho se kenellang masapong ka teng ha ho bata.
- BALA HAPE:Sehlabelo sa MaZulu
Leha ho le jwalo, Basotho ba ne ba rata dikobo tsa bona hoo ba neng ba di apara le ha ho tjhesa, e leng ketso e ntseng e etshala le mehleng ena.
- Translator: Karabelo Molapo
- Etswa ho: http://African Traditions.co.za
