
Mokete wa Umembezo
Umembezo Hangata batho ba rata ho etsa mokete ona ka letsatsi la Lobola, empa mokete ona o tlameha ho etswa ka letsatsi ka ona.
Mokete ona ke mokete ho tsharwang ka mora mahadi, mme ke mokete oo o fanwamg ka dimpho ho ba habo Makoti haholo Mme WA Makoti a lebohwa ka ho hodisetsa mokgonyana Makoti.
Ba habo Makoti ba tla ngola dimpho tseo ba di batlang ebe ba tla fana ka leqhepe le ngotseng ntho tseo e sale ka nako.
Ebe jwale ho tla nkuwa qeto ya hore mokete oo otla Tshwarwa ka letsatsi lefe.
Dimpho tse rekwang ke dimpho tse tshwanang le dikobo, diaparo, dipitsa, dijana ha mmoho le pudi e phelang.
Umembezo hase mokete fela empa ke mokete oo teng ho tla binwa dipina ho tansuwe hobe monate.
Ba habo Makoti ba tla hlaba pudi ele ho bontsha tsela ya ho amohela ba habo mokgwenyana.
Le dimpho nyana tse nyenyana di tlatswa Mme ebe di fuwa ba habo mokgwenyana. Ba hobo mokgonyana batla hlodisana ka dipina le ba habo Makoti.
Bala Hape:
Boholo ba batho bo Nahana hore mokete ona ke qetelo ho tsa lenyalo, ba nahana hore jwale Makoti le mokgwenyana se ba qetile tsohle empa ha ho jwalo.
Translator: Karabelo Molapo
Source: Ulwazi Programme.org.zaÂ
