Lebollo la Mapedi

Ka letsatsi leo ho fedileng mokgahlelo wa bogwera Lebollong la ba batona, ho qala byale (lebollo la banana).

Ke banana ba etseditsweng mokete wa botjha feela ba Kgonang ho ya lebollong. Ka thuso ya bommĂȘ ba seng Ba hodile, lebollo la banana le laolwa ke mofumahadi e Moholo wa morena le hoja morena a na le boikarabelo Le bolaodi ba byale o ne a sa kene ka kotloloho.

Banana ba ne ba bitsetswa moreneng ka phala ya ntwa (phalafala).Ba ne ba etellwa pele sebakeng se Ikgethileng sa sephiri naheng moo moriri wa bona o Neng o kutwa kaofela.

BommĂȘ ba bona ba ne ba ba fa Mese e ikgethileng ya letlalo (kgakgo) eo ba neng ba e Apara kapele, ho kopanngwa le mose o aparwang Kamorao (nthepana). Hape ba ne ba apara mose wa Sefuba feela (gentswana kapa nyebelese).

Mofuta ona wa ho kopanngwa ha mose o ne o qale ka Baromuwa ba bophirima empa o se o fetohile seaparo Se ikamahanyang le setso. Mmele ya bona e ne e Tlotswa ka motSwako wa letsoku le mafura, kamora moo Ba rwalle patsi mme ba kgutlele kgorong bosiung boo.

Pele letsatsi le tjhaba, ba ne ba fodiswa mola ho ya ka Ho hlahlamana ha bona mme ba phekolwa ka meriana e Ba sireletsang

Translator:Karabelo Molapo